1. Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, la re:
2. Eya ho bana ba Rekabe, mme o bue le bona; o ba tlise ka tlung ya Jehova, kamoreng e nngwe, o ba nee veine ho nwa.
3. Yaba ke nka Jaasania, mora Jeremia, mora Habasinia, le banababo, le bara ba hae kaofela le bana kaofela ba Rekabe;
4. ka ba tlisa ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya bana ba Hanane, mora Jigdalia, monna wa Modimo, mabapa le kamore ya matona, e hodima kamore ya Maaseia, mora Shallume, molebedi wa monyako.
5. Ka bea dipitsa tse tletseng veine le mehope pela bana ba Rekabe, ka re ho bona: Nwang veine.
6. Ba araba, ba re: Ha re nwe veine, hobane Jonadabe, mora Rekabe, ntata rona moholo, o ne a re laele, a re: Le se ke la nwa veine, lona le bana ba lona ka ho sa feleng.
7. Le se ke la haha matlo, le se ke la jala dijalo, le se ke la hloma masimo a merara, leha e le ho a rua, le mpe le nne le dule ditenteng ka ditshiu tsohle tsa lona, hore le tle le phele ditshiu tse ngata lefatsheng leo le ahellang ho lona.
8. Re entse ka lentswe la Jonadabe, mora Rekabe, ntata rona moholo, dinthong tsohle tseo a re laetseng tsona, ha a itse, re se ke ra nwa veine ka ditshiu tsohle tsa rona, rona le basadi ba rona, le bara ba rona, le baradi ba rona;
9. re se ke ra haha matlo ho itulela teng, re se be le tshimo ya merara, le ha e le tshimo le nngwe, leha e le dijalo.