Jeremia 34:19-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. e leng baholo ba Juda le baholo ba Jerusalema, le matona, le baprista, le setjhaba kaofela sa lefatshe, ba fetileng hara mekgekgetho ya namane;

20. ke tla ba neela matsohong a bao e leng dira ho bona le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa manong a lehodimo le tsa dibatana tsa lefatshe.

21. Le yena Tsedekia, morena wa Juda, le mahosana a hae, ke tla ba neela matsohong a ba batlang bophelo ba bona le matsohong a makgotla a morena wa Babilona, a tswa le kgutlela.

22. Bonang, ke a laela, ho bolela Jehova, mme ba tla boela ho motse ona, ba o lwantshe, ba o hape, ba o t hese ka mollo, le metse ya Juda ke e etse lefeella le sa neng baahi.

Jeremia 34