1. Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, ha Nebukadnesare, morena wa Babilona, le makgotla a hae kaofela, le mebuso kaofela ya lefatshe e buswang ke letsoho la hae, le ditjhaba kaofela, di ntse di lwantsha Jerusalema le metse kaofela e mathokong a teng, la re:
2. Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Eya, o bolelle Tsedekia, morena wa Juda, o re o yena: Ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya neela motse ona matsohong a morena wa Babilona, a tle a o tjhese ka mollo.
3. Mme wena, o ke ke wa phonyoha matsohong a hae, o mpa o tla tshwarwa, o neelwe matsohong a hae; mahlo a hao a tla bona mahlo a morena wa Babilona, molomo wa hae o bue le molomo wa hao, mme o tla ya Babilona.
4. Leha ho le jwalo, o mamele lentswe la Jehova, wena Tsedekia, morena wa Juda: Ho itswe ke Jehova bakeng sa hao: O ke ke wa shwa ke lerumo;
5. o tla shwa ka kgotso; le ho tjhesetswa dibano jwaloka bontatao, marena a pele a bileng teng pele ho wena, o tla tjhesetswa dibano jwalo, mme ba tla o llela, ba re: Jo morena! Hobane nna ke boletse jwalo, ho bolela Jehova.
6. Moporofeta Jeremia a bolella Tsedekia, morena wa Juda, mantswe ao kaofela Jerusalema.
7. Ke ha makgotla a morena wa Babilona a ne a lwantsha Jerusalema, le metse kaofela ya Juda e sa setseng, Lakishe, le Aseka, hobane e ne e sa setse ya metse ya Juda, e le metse ya diqhobosheane.
8. Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, ha morena Tsedekia a ne a se a entse selekane le setjhaba kaofela se leng Jerusalema, hore ba bolele tokollo;
9. hore e mong le e mong a lesele mofo wa hae, e mong le e mong a lesele lekgabunyane la hae, e leng Baheberu, e motona le e motshehadi, hore ba ikele; hore ho tle ho se ke ha hlola ho eba Mojuda ya ruileng ngwanabo.
10. Mme ha dumela baholo kaofela le setjhaba kaofela ho kena selekaneng sa ho lesela e mong le e mong mofo wa hae, e mong le e mong lekgabunyane la hae, hore ba ikele, ho se be ya ka hlolang a ba rua; ba dumela teng, ba ba lesela.