Jeremia 33:20-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Ho itswe ke Jehova: Ha le ka fedisa selekane sa ka le letsatsi, le selekane sa ka le bosiu, hore ho se ke ha hlola ho eba motshehare le bosiu nakong ya teng,

21. le hona selekane sa ka le Davida, mohlanka wa ka, se ka fela, hore a se ke a hlola a eba le mora ya busang teroneng ya hae; ho jwalo le ka selekane sa ka le Balevi, bao e leng baprista ba ntshebeletsang.

22. Jwaloka makgotla a mahodimo a ke keng a balwa, le lehlabathe la lewatle le ke keng la lekanngwa, ke tla atisa ditloholo tsa Davida, mohlanka wa ka, jwalo, le Balevi ba ntshebeletsang.

23. Lentswe la Jehova la tla ho Jeremia, la re:

24. Na ha o bone seo setjhaba sena se se bolelang, ha se re: Meloko e mmedi eo Jehova a neng a e kgethile, o hlile o e lahlile! Ba nyedisa setjhaba sa ka hore se se ke sa hlola se eba setjhaba pontsheng ya bona.

25. Ho itswe ke Jehova: Ha ekaba ho se selekane sa ka le letsatsi le bosiu, ha ekaba ke sa ka ka tlisa melao ya lehodimo le ya lefatshe;

26. le hona ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, ke se ke ka hlola ke nka baneng ba hae ya tla busa ditloholo tsa Abrahama le tsa Isaaka le tsa Jakobo; hobane ke tla busetsa ba kgolehong ba bona, ke ba hauhele.

Jeremia 33