16. Matsatsing ao Juda o tla pholoha, le Jerusalema a ikahele ka boiketlo, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.
17. Hobane ho itswe ke Jehova: Davida a ke ke a ba a hloka motho ya dulang teroneng ya ntlo ya Iseraele.
18. Le baprista, bao e leng Balevi, ba ke ke ba ba ba hloka motho pela ka ya hlahisang ditjheso, ya tjhesang dibano hammoho le dinyehelo, ya etsang mahlabelo kamehla.
19. Lentswe la Jehova la pheta la tla ho Jeremia, la re:
20. Ho itswe ke Jehova: Ha le ka fedisa selekane sa ka le letsatsi, le selekane sa ka le bosiu, hore ho se ke ha hlola ho eba motshehare le bosiu nakong ya teng,
21. le hona selekane sa ka le Davida, mohlanka wa ka, se ka fela, hore a se ke a hlola a eba le mora ya busang teroneng ya hae; ho jwalo le ka selekane sa ka le Balevi, bao e leng baprista ba ntshebeletsang.
22. Jwaloka makgotla a mahodimo a ke keng a balwa, le lehlabathe la lewatle le ke keng la lekanngwa, ke tla atisa ditloholo tsa Davida, mohlanka wa ka, jwalo, le Balevi ba ntshebeletsang.
23. Lentswe la Jehova la tla ho Jeremia, la re:
24. Na ha o bone seo setjhaba sena se se bolelang, ha se re: Meloko e mmedi eo Jehova a neng a e kgethile, o hlile o e lahlile! Ba nyedisa setjhaba sa ka hore se se ke sa hlola se eba setjhaba pontsheng ya bona.