1. Lentswe la Jehova la boela la tla ho Jeremia, ha a ntse a kwaletswe lebaleng la teronko, la re:
2. Ho itswe ke Jehova, ya tla etsa tseo, Jehova ya di lokisang, hore a tle a di sebetse, eo Jehova e leng lebitso la hae:
3. Bitsa ho nna, mme ke tla o araba, ke o bontshe tse kgolo le tse patilweng tseo o sa di tsebeng.
4. Hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa matlo a motse le bakeng sa matlo a marena a Juda, a tlang ho qhaqhwa ka ditutudu le ka dibetsa:
5. Ba tla kena ho wona ho lwana le Bakalde, empa ba tla a tlatsa ditopo tsa batho, bao ke yang ho ba otla bohaleng ba ka le kgalefong ya ka, bao ke patetseng motse ona sefahleho sa ka ka baka la bolotsana ba bona.
6. Bona, ke tla o tlamella, ke o oke; ke tla ba fodisa, ke ba nee nala ya kgotso le ya boiketlo;
7. ke busetse ba hapilweng ba Juda le ba hapilweng ba Iseraele, ke boele ke ba ahise jwaloka mehleng ya pele.
8. Ke tla ba hlwekisa bokgopong bohle ba bona, boo ba ntshitetsweng ka jona, ke ba leselle dibe kaofela tseo ba ntshitetsweng ka tsona, tseo ba nkwenehetseng ka tsona.
9. Motse ona ho nna e tla ba lebitso la thabo le dithoko le kganya pela ditjhaba tsohle tsa lefatshe tse tlang ho utlwa molemo kaofela oo ke tla o etsetsa wona; di tla tshaba, di thothomele ka baka la molemo wohle le la boiketlo bohle boo ke tlang ho o etsetsa jona.
10. Hobane ho itswe ke Jehova: Haele nqalo ena eo lona le reng: E sentswe, ha e na batho leha e le dikgomo; leha e le metse ya Juda le diterata tsa Jerusalema tse dithako, tseo ho seng motho teng, leha e le moahi, leha e le kgomo;
11. ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.
12. Ho itswe ke Jehova: Nqalong ena e dithako, e se nang motho leha e le kgomo, le metseng ya teng, ho sa tla ba teng meraka ya badisa ba bothisang mehlape.