7. Bona, Hanameele, mora Shallume, ngwanabo ntatao, o ya tla ho wena, a re: Ithekele tshimo ya ka e Anathothe, hobane ke wena ya nang le tokelo ya topollo ho e reka.
8. Hanameele, ngwana rangwane, a ba a tla ho nna lebaleng la teronko, kamoo ho neng ho boletse Jehova kateng, a re ho nna: Ako ithekele tshimo ya ka e Anathothe, naheng ya Benjamine, hobane tokelo ya ho e rua ke ya hao le ya topollo ke ya hao; o ithekele yona. Yaba ke a tseba hobane ke lona lentswe la Jehova.
9. Ka ithekela tshimo ya Hanameele, ngwana rangwane, e Anathothe, ka mo lekanyetsa ditjhelete, e leng dishekele tsa silefera tse leshome le metso e supileng.
10. Ka ngola lengolo la theko, ka le tiisa, ka nka dipaki, ka lekanya silefera sekaleng.
11. Ka ba ka nka lengolo la theko le tiisitsweng ka mokgwa wa teng le ka molao, le lona lengolo le phetlilweng;
12. ka nea lengolo la theko ho Baruke, mora Neria, mora Mahaseia, pontsheng ya Hanameele, ngwana rangwane, le pontsheng ya dipaki tse tiisitseng lengolo la theko, le pontsheng ya Bajuda kaofela ba neng ba dutse lebaleng la teronko.
13. Yaba ke laela Baruke pontsheng ya bona, ka re:
14. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Nka mangolo ana, lengolo lena la theko le tiisitsweng, le lengolo lena le phetlilweng, o a bee lefisong la letsopa, a tle a bolokehe ditshiu tse ngata.