40. Ke tla etsa selekane se sa feleng le bona, sa hore nke ke ka ba furalla, ke nne ke ba etse hantle; ke tla bea tshabo ya ka dipelong tsa bona, ba tle ba se ke ba nkwenehela.
41. Ke tla ithabella bona ho ba etsa hantle; ke ba hlome lefatsheng lena kannete, ka pelo ya ka yohle le ka moya wa ka wohle.
42. Hobane ho itswe ke Jehova: Jwalokaha ke tlisitse bobe boo bo boholo kaofela hodima setjhaba sena, le hona ke tla tlisa ho bona molemo kaofela oo ke o boletseng bakeng sa bona.
43. Ho sa tla rekwa masimo lefatsheng lena, leo lona le reng ke lesupi le se nang batho leha e le dikgomo, le neetswe matsohong a Bakalde.
44. Masimo a tla nne a rekwe ka tjhelete, ba tla nne ba ngole mangolo a theko, ba a tiise, ba nke dipaki lefatsheng la Benjamine, le mathokong a Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e thabeng, le metseng ya lehwatata, le metseng e ka nqa borwa; hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba bona, ho bolela Jehova.