Jeremia 32:32-42 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. ka baka la bobe kaofela boo bana ba Iseraele le bana ba Juda ba kileng ba bo etsa, ba tle ba mphephetse, e le bona, le marena a bona, le baholo ba bona, le baprista ba bona le baporofeta ba bona, le batho ba Juda, le baahi ba Jerusalema.

33. Ba nneile seholoholo, e seng sefahleho. Nkile ka nna ka ba ruta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa ho ba ruta, ba mpa ba sa ka ba mamela hore ba amohele kgalemelo.

34. Empa ba beile manyala a bona ka tlung eo lebitso la ka le bitswang hodima yona, ba tle ba e silafatse.

35. Ba hahetse Baale dinqalo tse diphahameng, kgohlong ya mora Hinnome, ba tle ba tjhesetse Moloke bara ba bona le baradi ba bona teng; e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, mme ha se a ka sa hlaha pelong ya ka, hore ba nne ba etse manyala a jwalo ho sitisa Juda.

36. Mme jwale, ka baka leo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o bolela bakeng sa motse ona oo lona le reng: O ya neelwa matsohong a morena wa Babilona, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa;

37. o re: Bonang ke tla ba bokella mafatsheng wohle moo ke ba qhalanyeditseng teng ka bohale ba ka, le ka kgalefo ya ka, le ka hlwenyo e kgolo ya ka; ke tla ba busetsa nqalong ena, ke ba ahise ka boiketlo.

38. E tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.

39. Ke tla ba nea pelo e le nngwe le mokgwa o le mong wa ho ntshaba kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona le bana ba bona kamora bona.

40. Ke tla etsa selekane se sa feleng le bona, sa hore nke ke ka ba furalla, ke nne ke ba etse hantle; ke tla bea tshabo ya ka dipelong tsa bona, ba tle ba se ke ba nkwenehela.

41. Ke tla ithabella bona ho ba etsa hantle; ke ba hlome lefatsheng lena kannete, ka pelo ya ka yohle le ka moya wa ka wohle.

42. Hobane ho itswe ke Jehova: Jwalokaha ke tlisitse bobe boo bo boholo kaofela hodima setjhaba sena, le hona ke tla tlisa ho bona molemo kaofela oo ke o boletseng bakeng sa bona.

Jeremia 32