Jeremia 32:18-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. O etsa mohau ho isa melokong e sekete, o busetsa bokgopo ba bontata bana sefubeng sa bana ba bona ba ba hlahlamang. Ke wena Modimo o moholo, o matla, oo lebitso la wona e leng Jehova wa makgotla.

19. O moholo mererong, o matla diketsong, mahlo a hao a shadima mekgwa yohle ya bana ba batho, ho busetsa ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana tsa diketso tsa hae;

20. ke wena ya entseng dipontsho le mehlolo lefatsheng la Egepeta, le Iseraeleng, le hara batho, ho fihlela tsatsi lena; o iketseditse lebitso leo, le kajeno le sa le teng.

21. O ntshitse setjhaba sa hao sa Iseraele lefatsheng la Egepeta ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka seatla se matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka botshabeho bo boholo.

22. O ba neile lefatshe lena leo o kileng wa anela bontata bona hore o tla ba nea lona, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.

23. Mme ba bile ba tla, ba le rua, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la hao, mme ha ba ka ba tsamaya melaong ya hao; tsohle tseo o nnileng wa ba laela tsona hore ba di etse, ha ba ka ba di etsa; eba ke moo o ba hlahiseditseng bobe bona kaofela.

24. Bonang, ditutudu di se di fihlisitswe pela motse ho o kena, mme motse o ya neelwa matsohong a Bakalde ba o lwantshang, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; seo o se boletseng se se se etsahetse, wa se bona.

25. Leha ho le jwalo, Morena Jehova, o bile wa re ho nna: O ithekele tshimo eo ka ditjhelete, o nke dipaki, kanthe motse o se o ya neelwa matsohong a Bakalde.

Jeremia 32