Jeremia 32:13-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Yaba ke laela Baruke pontsheng ya bona, ka re:

14. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Nka mangolo ana, lengolo lena la theko le tiisitsweng, le lengolo lena le phetlilweng, o a bee lefisong la letsopa, a tle a bolokehe ditshiu tse ngata.

15. Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ho sa tla rekwa matlo, le masimo, le masimo a merara lefatsheng lena.

16. Eitse hobane ke nee Baruke, mora Neria, lengolo la theko, ka rapela Jehova, ka re:

17. Oho Morena Jehova, bona, ke wena ya entseng mahodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le otlolohileng; ha ho letho le ka o sitang.

18. O etsa mohau ho isa melokong e sekete, o busetsa bokgopo ba bontata bana sefubeng sa bana ba bona ba ba hlahlamang. Ke wena Modimo o moholo, o matla, oo lebitso la wona e leng Jehova wa makgotla.

19. O moholo mererong, o matla diketsong, mahlo a hao a shadima mekgwa yohle ya bana ba batho, ho busetsa ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana tsa diketso tsa hae;

20. ke wena ya entseng dipontsho le mehlolo lefatsheng la Egepeta, le Iseraeleng, le hara batho, ho fihlela tsatsi lena; o iketseditse lebitso leo, le kajeno le sa le teng.

21. O ntshitse setjhaba sa hao sa Iseraele lefatsheng la Egepeta ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka seatla se matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka botshabeho bo boholo.

22. O ba neile lefatshe lena leo o kileng wa anela bontata bona hore o tla ba nea lona, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.

23. Mme ba bile ba tla, ba le rua, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la hao, mme ha ba ka ba tsamaya melaong ya hao; tsohle tseo o nnileng wa ba laela tsona hore ba di etse, ha ba ka ba di etsa; eba ke moo o ba hlahiseditseng bobe bona kaofela.

24. Bonang, ditutudu di se di fihlisitswe pela motse ho o kena, mme motse o ya neelwa matsohong a Bakalde ba o lwantshang, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; seo o se boletseng se se se etsahetse, wa se bona.

25. Leha ho le jwalo, Morena Jehova, o bile wa re ho nna: O ithekele tshimo eo ka ditjhelete, o nke dipaki, kanthe motse o se o ya neelwa matsohong a Bakalde.

26. Lentswe la Jehova la tla ho Jeremia, la re:

27. Bona, ke nna Jehova, Modimo wa nama yohle; na ntho e ka ba teng e ntshitang na?

28. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya neela motse ona matsohong a Bakalde, le matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, a tle a o kene.

29. Bakalde ba lwantshang motse ona, ba tla kena, ba tjhese motse ona, ba o tjhese ka mollo, le wona matlo ao ba tjheseditseng Baale dibano hodima wona, mme ba tsholetse teng medimo esele dino, ba tle ba mphephetse.

Jeremia 32