7. Hobane ho itswe ke Jehova: Etsetsang Jakobo ditlatse tsa nyakallo, le thabe le le sehloohong sa ditjhaba; utlwahatsang dithoko, le re: Jehova, pholosa setjhaba sa hao, masala a Iseraele!
8. Bonang, ke tla ba lata lefatsheng la Leboya, ke ba bokelle dipheletsong tsa lefatshe, sefofu se leng hara bona le sehlotsa, moimana le motswetse hammoho; ba tla kgutlela kwano e le bongata bo boholo.
9. Ba tla kgutla ka dillo, ke tla ba tlisa ba ntse ba etsa merapelo; ke ba ise melapong ya metsi ka tsela e lokileng eo ba sa tlo ka ba kgoptjwa ho yona, hobane ke tla ba ntata Iseraele, Efraime e be ngwanaka wa letsibolo.
10. Utlwang lentswe la Jehova, lona ditjhaba, le tsebise dihlekehleke tse hole, le re: Ya hasantseng Iseraele o a mmokella; o tla mo disa jwalokaha modisa a disa mohlape wa hae.
11. Hobane Jehova o lopolotse Jakobo, o mo namoletse matsohong a ya mo fetang ka matla.
12. Ba tla tla, ba etse ditlatse tsa thabo diphahameng tsa Sione; ba tla mathela melemo ya Jehova, e leng koro, le veine, le ole, le tse tswetsweng ke dinku le ke dikgomo; meya ya bona e tla ba jwaloka serapa se noseditsweng, mme ha ba sa tla swaba.
13. Ke moo barwetsana ba tla nyakalla mehobelong le bahlankana le maqheku hammoho, mme ke tla fetola maswabi a bona thabo, ke ba tshedise, ke ba thabise bakeng sa bohloko ba bona.
14. Ke tla kgorisa meya ya baprista mafura, mme setjhaba sa ka se tla kgora menate ya ka, ho bolela Jehova.
15. Ho itswe ke Jehova: Mohoo o utlwahetse Rama, wa pokollo, wa dillo tse bohlokohloko: ke Ragele ya llelang bana ba hae, ya hanang ho tshediswa bakeng sa bana ba hae, hobane ha ba sa le yo.
16. Ho itswe ke Jehova: Kganna lentswe la hao, o se ke wa lla, le mahlo a hao a se ke a tsholla meokgo, hobane mosebetsi wa hao o tla ba le moputso, ho bolela Jehova, mme ba tla kgutla lefatsheng la sera.
17. Tshepo e teng bakeng sa mehla ya hao e tlang, ho bolela Jehova; bana ba hao ba ya boela meeding ya bona.