Jeremia 31:6-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Hobane tsatsi le teng leo dibohodi di tla howeletsa ka lona thabeng ya Efraime, di re: Tlohang, a re nyoloheleng Sione, ho Jehova, Modimo wa rona.

7. Hobane ho itswe ke Jehova: Etsetsang Jakobo ditlatse tsa nyakallo, le thabe le le sehloohong sa ditjhaba; utlwahatsang dithoko, le re: Jehova, pholosa setjhaba sa hao, masala a Iseraele!

8. Bonang, ke tla ba lata lefatsheng la Leboya, ke ba bokelle dipheletsong tsa lefatshe, sefofu se leng hara bona le sehlotsa, moimana le motswetse hammoho; ba tla kgutlela kwano e le bongata bo boholo.

9. Ba tla kgutla ka dillo, ke tla ba tlisa ba ntse ba etsa merapelo; ke ba ise melapong ya metsi ka tsela e lokileng eo ba sa tlo ka ba kgoptjwa ho yona, hobane ke tla ba ntata Iseraele, Efraime e be ngwanaka wa letsibolo.

10. Utlwang lentswe la Jehova, lona ditjhaba, le tsebise dihlekehleke tse hole, le re: Ya hasantseng Iseraele o a mmokella; o tla mo disa jwalokaha modisa a disa mohlape wa hae.

11. Hobane Jehova o lopolotse Jakobo, o mo namoletse matsohong a ya mo fetang ka matla.

12. Ba tla tla, ba etse ditlatse tsa thabo diphahameng tsa Sione; ba tla mathela melemo ya Jehova, e leng koro, le veine, le ole, le tse tswetsweng ke dinku le ke dikgomo; meya ya bona e tla ba jwaloka serapa se noseditsweng, mme ha ba sa tla swaba.

13. Ke moo barwetsana ba tla nyakalla mehobelong le bahlankana le maqheku hammoho, mme ke tla fetola maswabi a bona thabo, ke ba tshedise, ke ba thabise bakeng sa bohloko ba bona.

14. Ke tla kgorisa meya ya baprista mafura, mme setjhaba sa ka se tla kgora menate ya ka, ho bolela Jehova.

15. Ho itswe ke Jehova: Mohoo o utlwahetse Rama, wa pokollo, wa dillo tse bohlokohloko: ke Ragele ya llelang bana ba hae, ya hanang ho tshediswa bakeng sa bana ba hae, hobane ha ba sa le yo.

16. Ho itswe ke Jehova: Kganna lentswe la hao, o se ke wa lla, le mahlo a hao a se ke a tsholla meokgo, hobane mosebetsi wa hao o tla ba le moputso, ho bolela Jehova, mme ba tla kgutla lefatsheng la sera.

17. Tshepo e teng bakeng sa mehla ya hao e tlang, ho bolela Jehova; bana ba hao ba ya boela meeding ya bona.

18. Ke hlile ka utlwa Efraime ha a ikwahlaya, a re: O kile wa nkgalemela, mme ka kgalemelwa jwaloka pholwana e esong ho thapiswe; nkgutlisetse ha ka, ke tle ke kgutlele teng, hobane o Jehova, Modimo wa ka.

19. Hobane ha ke se ke sokolohile, ka ikwahlaya; ha ke se ke lailwe, ka ikotla noka; ka ba le dihlong, ka swaba, hobane ke jere nyatso ya botjha ba ka.

20. Na Efraime ke mora ya ratehang ho nna na, kapa a ke ngwana eo ke thabiswang ke yena na? Hobane kamehla ha ke mo kgalemela, ke nne ke hopole hoba e ntse e le yena eo; ka baka leo, mala a ka a duma bakeng sa hae; ruri ke tla mo hauhela, ho bolela Jehova.

21. O ikemisetse sefika, o itlhomelle disupatsela; lebisa pelo ya hao tseleng, tseleng eo o tsamaileng ka yona; boya, morwetsana wa Iseraele, boela metseng yona eo ya hao.

22. O tla nne o phaile ho isa hokae, mokwenehi? Hobane Jehova o ya bopa ntho e ntjha lefatsheng: mosadi o ya teela monna hare.

Jeremia 31