Jeremia 31:27-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho jalla ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda peo ya batho le peo ya dikgomo.

28. Jwalokaha nkile ka ba lebela ho epolla, le ho qhaqha, le ho ripitla, le ho senya, le ho ba etsa hampe, le hona ke tla ba lebela ho haha, le ho hloma, ho bolela Jehova.

29. Mohlang oo, ha ba sa tla hlola ba re: Bontata bana ba jele morara o bodila, mme meno a bana a hlile a thella.

30. Empa e mong le e mong o tla shwa ke bokgopo ba hae; e mong le e mong ya jang morara o bodila, meno a hae a tla thella.

31. Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho etsa selekane se setjha le ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda;

32. e seng jwaloka selekane seo ke se entseng le bontata bona moholo, mohla ke ba tshwarang ka letsoho ho ba ntsha lefatsheng la Egepeta, e leng ba kileng ba roba selekane sa ka; athe e ne e le nna monga bona, ho bolela Jehova.

33. Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao wa ka kahare ho bona, ke o ngole dipelong tsa bona; ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.

34. Ha ba sa tla ruta e mong le e mong molekane wa hae, ha ho motho ya tla ruta wa habo ka ho re: Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova; hobane ke tla ba lesella bokgopo ba bona, mme ha ke sa tla hopola dibe tsa bona.

35. Hobane ho itswe ke Jehova, ya beileng letsatsi hore e be lesedi la motshehare, ya beileng kgwedi le dinaledi hore e be lesedi la bosiu, ya fuduang lewatle, maqhubu a lona a be a dume, Jehova wa makgotla ke lona lebitso la hae:

36. Ha melao eo e ka fetoha pela ka, le hona leloko la Iseraele le tla phetsa ho ba setjhaba pela ka ka ho sa feleng.

37. Ho itswe ke Jehova: Ha mahodimo a hodimo a ka lekanngwa, le yona metheo ya lefatshe e katlase e ka fihlelwa, ke moo ke tla lahla leloko lohle la Iseraele ka baka la tsohle tseo ba di entseng, ho bolela Jehova.

38. Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao motse o tlang ho hahelwa Jehova ka wona, ho nka toreng ya Hananeele ho isa monyakong wa Kou.

39. Kgwele ya tekanyo ha e tloha teng, e tla leba lerallaneng la Garebe, mme e pote ho fihlela Gowa.

40. Kgohlo yohle ya ditopo le ya molora, le sebaka kaofela ho isa molatswaneng wa Kedrone ho fihla koung ya monyako wa Dipere, ka nqa botjhabela, e tla ba tse kgethetsweng Jehova; ha ho sa tla ripitlwa, ha ho sa tla senngwa le ka ho sa feleng.

Jeremia 31