20. Na Efraime ke mora ya ratehang ho nna na, kapa a ke ngwana eo ke thabiswang ke yena na? Hobane kamehla ha ke mo kgalemela, ke nne ke hopole hoba e ntse e le yena eo; ka baka leo, mala a ka a duma bakeng sa hae; ruri ke tla mo hauhela, ho bolela Jehova.
21. O ikemisetse sefika, o itlhomelle disupatsela; lebisa pelo ya hao tseleng, tseleng eo o tsamaileng ka yona; boya, morwetsana wa Iseraele, boela metseng yona eo ya hao.
22. O tla nne o phaile ho isa hokae, mokwenehi? Hobane Jehova o ya bopa ntho e ntjha lefatsheng: mosadi o ya teela monna hare.
23. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ba sa tla bolela polelo ena lefatsheng la Juda le metseng ya teng, ha ke se ke kgutlisitse ba bona ba kgolehong, ba re: Jehova a ke a o hlohonolofatse, leaho la ho loka, thaba e kgethehileng!