Jeremia 31:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mohlang oo, ho bolela Jehova, ke tla ba Modimo wa meloko yohle ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka.

2. Ho itswe ke Jehova: Setjhaba se siilweng ke lerumo se bone mohau lefeelleng; a re yeng, re tle re nee Iseraele phomolo.

3. Jehova o iponahaditse ho nna a le hole, a re: E, ke o rata ka lerato le sa feleng; ka baka leo, ke tla o bolokela mohau wa ka.

4. Ke tla be ke o hahe; o tla be o hahuwe, morwetsana wa Iseraele; o sa tla be o itlhophe ka meropa ya hao, o tla tswa o tsamaye diemeng tsa ba nyakallang.

5. O sa tla be o leme merara dithabeng tsa Samaria; balemi ba yona ba tla e lema, ba itjelle tsa yona.

6. Hobane tsatsi le teng leo dibohodi di tla howeletsa ka lona thabeng ya Efraime, di re: Tlohang, a re nyoloheleng Sione, ho Jehova, Modimo wa rona.

7. Hobane ho itswe ke Jehova: Etsetsang Jakobo ditlatse tsa nyakallo, le thabe le le sehloohong sa ditjhaba; utlwahatsang dithoko, le re: Jehova, pholosa setjhaba sa hao, masala a Iseraele!

8. Bonang, ke tla ba lata lefatsheng la Leboya, ke ba bokelle dipheletsong tsa lefatshe, sefofu se leng hara bona le sehlotsa, moimana le motswetse hammoho; ba tla kgutlela kwano e le bongata bo boholo.

Jeremia 31