Jeremia 30:16-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Leha ho le jwalo, bohle ba o jang ba tla jewa, bohle ba o patisang ba tla iswa kaofela kgolehong; ba o tlatlapang ba tla tlatlapjwa, bohle ba o senyang ke tla ba neela tshenyeho.

17. Hobane ke tla o tlamella, ke fodise maqeba a hao, ho bolela Jehova, hobane ba o bitsa molahluwa, Sione elwa ho sa thweng letho ka yena.

18. Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgutlisa ba hapilweng ba ditente tsa Jakobo, ke utlwele meaho ya hae bohloko; motse o tla tsosoloswa setsheng sa wona, ntlo e kgabileng e hahuwe tulong tsa yona.

19. Ho tla nne ho tswe ho yona diteboho le lentswe la ba nyakallang; ke tla ba anafatsa, ba se ke ba hlola ba boba, ke tla ba tlotlisa, ba tle ba se ke ba kgeswa.

20. Bana ba hae ba tla nne ba dule jwaloka mohla monene; phutheho ya hae e tla tiya pela ka, mme ke tla kgalemela ba mo patisang kaofela.

21. Monga hae e tla ba ya tswang ho yena, mmusi wa hae e be ya hlahang ho yena; ke tla mo atametsa, a tle a be haufi le nna; hobane ke mang ya neng a ka beta pelo hore a atamele ho nna, ho bolela Jehova?

22. Mme le tla nne le be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona.

Jeremia 30