Jeremia 30:1-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, la re:

2. Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ngola mantswe wohle ao ke o bolellang wona bukeng e nngwe.

3. Hobane bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla kgutlisa ba kgolehong ba setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda, ho bolela Jehova, ke ba busetse lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ba tle ba le rue.

4. Ke ana mantswe ao Jehova a a bolelang bakeng sa Iseraele le bakeng sa Juda.

5. Ho itswe ke Jehova: Re utlwa mohoo wa tshabo; ke tshoho, hase kgotso.

6. A le ke le botse, le bone, na e motona a ka beleha na? Ke bona keng matsoho a monna e mong le e mong ha a le mathekeng a hae, jwaloka hoja ke ya belehang, mme sefahleho sa e mong le e mong se hlwentse?

7. Jo nna! tsatsi leo ke le leholo, ha ho le leng le kang lona; ke dinako tsa tsietsi ho Jakobo; leha ho le jwalo, o tla pholoha ho tsona.

8. Tsatsing lona leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla robakanya joko molaleng wa hao, ke kgaole marapo a hao; ba ditjhaba ha ba sa tla mo rua.

9. Ba mpa ba tla sebeletsa Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona, eo ke tla mmea ho bona.

10. Mme jwale, wena mohlanka wa ka Jakobo, se tshabe, ho bolela Jehova; se thothomele, Iseraele, hobane bona, ke tla o pholosa, ke o late naheng e hole, ke late le leloko la hao lefatsheng la kgoleho; Jakobo o tla boya, a itulele, a iketle, mme ha a sa tla tshabiswa ke motho.

11. Jakobo, ke na le wena ho o pholosa, ho bolela Jehova, hobane ke tla fedisa hohle ditjhaba kaofela tseo nkileng ka o qhalanyetsa ho tsona, empa wena, nke ke ka o fedisa; ke tla o laya ka ho loka; nke ke ka o tlohela feela, o sa kgalemelwe.

12. Hobane ho itswe ke Jehova: Letetetso la hao ke le bolayang, leqeba la hao le lebe.

13. Ha ho ya o hlokomelang; ho thojwa, ho okwa, ho tlamellwa ho siyo ho wena.

14. Dinyatsi tsa hao kaofela di hlile di o lebetse, ha di sa re letho ka wena, kahobane ke o batile ka leqeba leo e kang ke la sera, le ka kgalemelo e thatathata, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di ngatafetse.

15. O mekeletsang ka baka la letetetso la hao? Leqeba la hao ha le na ho fola. Ke o entse tseo ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di anafetse.

16. Leha ho le jwalo, bohle ba o jang ba tla jewa, bohle ba o patisang ba tla iswa kaofela kgolehong; ba o tlatlapang ba tla tlatlapjwa, bohle ba o senyang ke tla ba neela tshenyeho.

17. Hobane ke tla o tlamella, ke fodise maqeba a hao, ho bolela Jehova, hobane ba o bitsa molahluwa, Sione elwa ho sa thweng letho ka yena.

Jeremia 30