14. Kgutlang, bana ba kwenehileng, ho bolela Jehova, hobane ke nna monga lona. Ke tla le nka e mong motseng o mong, ba babedi molokong o mong, ke le busetse Sione.
15. Ke tla le nea badisa ba nkgahlisang, ba le alose ka tsebo le ka kelello.
16. Etlare ha le se le atile, le anafetse lefatsheng, mehleng eo, ho bolela Jehova, ha ba sa tla hlola ba bolela areka ya selekane sa Jehova; ha e sa tla hopolwa dipelong, ha ba sa tla e elellwa, ha ba sa tla e hlolohelwa, mme ha ho ka ke ha etswa e nngwe.
17. Mehleng eo, Jerusalema e tla bitswa terone ya Jehova; ditjhaba tsohle di tla phuthehela Jerusalema ka baka la lebitso la Jehova; mme ha di sa tla tsamaya ka bothata ba dipelo tse mpe tsa tsona.
18. Mehleng eo, ntlo ya Juda e tla tsamaya le ntlo ya Iseraele; ba tla tswa hammoho lefatsheng la Leboya, ho ya lefatsheng leo ke le ruisitseng bontata lona.
19. Nna ka re: Nka o bea jwang baneng ba ka, nka o nea jwang lefatshe le lakatsehang, leruo le letle la makgotla a ditjhaba? Ka re: Le tla mpitsa Ntate, mme ha le sa tla nkwenehela.
20. Ruri, jwaloka mosadi ya jang molekane wa hae ka diteme, le ntjele jwalo ka diteme, lona, ntlo ya Iseraele, ho bolela Jehova.
21. Lentswe le utlwahala dithoteng tse phahameng, ke dillo le merapelo ya bana ba Iseraele, hobane ba kgopamisitse tsela ya bona, ba lebetse Jehova, Modimo wa bona.
22. Kgutlang, bana ba kwenehileng, mme ke tla fodisa bokwenehi ba lona. Bona, re ya tla ho wena, hobane o Jehova, Modimo wa rona.
23. Efela poloko e tswang maralleng le dithabeng ke thetso feela; efela pholoho ya Iseraele e ho Jehova, Modimo wa hae.