Jeremia 29:7-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Le ke le batlele motse oo ke le isitseng kgolehong teng kgotso, le o rapelle ho Jehova, hobane kgotsong ya wona le tla ba le kgotso le lona.

8. Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le se ke la nna le thetswa ke baporofeta ba lona ba hara lona, le ke dinohe tsa lona; le se ke la mamela balori ba lona bao le batlang ditoro ho bona.

9. Hobane ba le porofetela ka leshano lebitsong la ka; athe ha ke a ka ka ba roma, ho bolela Jehova.

10. Hobane ho itswe ke Jehova: Dilemo tse mashome a supileng etlare ha di se di phethehile bakeng sa Babilona, ke tla le hopola, ke le etsetse ka mantswe a ka a molemo, ke le busetse nqalong ena.

11. Hobane nna ke tseba mehopolo ya ka eo ke ntseng ke e hopotse bakeng sa lona, ho bolela Jehova, hobane ke mehopolo ya kgotso, e seng ya bobe, ke tle ke le nee qetello e molemo le se ka le tshepisang.

12. Le tla bitsa ho nna, le be le tle, le ithapelle ho nna, ke le mamele.

13. Le tla mpatla, le be le mphumane, hobane le tla mpatla ka pelo tsohle tsa lona.

14. Ke tla nne ke fumanwe ke lona, ho bolela Jehova, mme ke tla busetsa ba lona ba kgolehong, ke le bokelle ditjhabeng tsohle le dinqalong tsohle moo ke le qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova; ke tla le busetsa nqalong ena eo ke le faladitseng ho yona.

15. Le re: Jehova o re hlahiseditse baporofeta, Babilona.

16. Bonang, ho itswe ke Jehova bakeng sa morena ya dutseng teroneng ya Davida, le bakeng sa setjhaba kaofela se ntseng se ahile motseng wona, e leng bahabo lona ba sa kang ba iswa kgolehong le lona:

Jeremia 29