24. Bakeng sa Shemaia Monehelame, o bolele, o re:
25. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ekare ha o rometse mangolo ka lebitso la hao ho setjhaba kaofela se Jerusalema le ho Sofonnia, mora Maaseia, moprista, le ho baprista kaofela, a reng:
26. Jehova o o beile moprista bakeng sa moprista Jehojada, hore o nne o be mohlahlobi ka tlung ya Jehova bakeng sa motho e mong le e mong ya hlanyang, ya iketsang moporofeta, hore o tle o mo kenye metshwasong le teronkong.
27. Mme jwale, ha o a ka wa kgalemela keng Jeremia wa Anathothe ya ntseng a le porofetela?
28. Hobane ke ka baka leo a rometseng ditaba ho rona Babilona, a re: Ho sa tla isa halelele; hahang matlo, le ikahele teng; lemang masimo, le itjelle dijo tsa wona.
29. Moprista Sofonia a bala lengolo leo ditsebeng tsa moporofeta Jeremia.
30. Yeba lentswe la Jehova le tla ho Jeremia, la re: O romele taba ho ba kgolehong kaofela, o re:
31. Ho itswe ke Jehova bakeng sa Shemaia, Monehelame: Ekare ha Shemaia a ntse a le porofetela, kanthe ha ke a ka ka mo roma, mme a hlile a le tshepisa ka leshano;
32. ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgalemela Shemaia, Monehelame, le leloko la hae; ha ho sa tla ba motho wa hae ya ahang hara setjhaba sena; ha a tla ke a bona molemo oo ke tla o etsetsa setjhaba sa ka, ho bolela Jehova, hobane o bile a bolela hore ho kwenehelwe Jehova.