Jeremia 29:14-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ke tla nne ke fumanwe ke lona, ho bolela Jehova, mme ke tla busetsa ba lona ba kgolehong, ke le bokelle ditjhabeng tsohle le dinqalong tsohle moo ke le qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova; ke tla le busetsa nqalong ena eo ke le faladitseng ho yona.

15. Le re: Jehova o re hlahiseditse baporofeta, Babilona.

16. Bonang, ho itswe ke Jehova bakeng sa morena ya dutseng teroneng ya Davida, le bakeng sa setjhaba kaofela se ntseng se ahile motseng wona, e leng bahabo lona ba sa kang ba iswa kgolehong le lona:

17. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke ya romela lerumo le tlala le lefu la sewa hara bona, ke ya ba etsa jwaloka difeiye tse bodila, tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe.

18. Ke tla ba phallela ka lerumo, ka tlala, le ka lefu la sewa; ke tla ba neela ho tsukutlwa mebusong yohle ya lefatshe, e nne e be thohako, le makatso, le sesomo, le nyediso hara ditjhaba tsohle moo ke qhalanyetsa teng;

19. ke hobane ha ba ka ba mamela mantswe a ka, ho bolela Jehova, ha ke ne ke ntse ke ba romela bahlanka ba ka, baporofeta, ke ba roma ke tsoha e sa le hosasasasa, empa ha ba ka ba mamela ho bolela Jehova.

20. Le mpeng le mamele lentswe la Jehova, lona, ba kgolehong kaofela, bao ke ba ntshitseng Jerusalema, ke ba isitse Babilona.

21. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, bakeng sa Akabe, mora Kolaia, le sa Tsedekia, mora Maaseia, ba ntseng ba le porofetela leshano ka lebitso la ka: Bonang, ke ya ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, a tle a ba bolaye mahlong a lona.

22. Ho tla nkwa lentswe la thohako ho bona ke ba kgoleho kaofela ba Juda ba leng Babilona, ba tla re: Jehova a ke a o etse jwaloka Tsedekia le jwaloka Akabe, bao morena wa Babilona a ba tjhesitseng mollong.

23. Hobane ba entse manyala hara Iseraele, ba febile le basadi ba banababo bona, ba hlile ba bolela mantswe a leshano ka lebitso la ka, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona. Ke mpa ke tseba hoo, mme ke paki, ho bolela Jehova.

24. Bakeng sa Shemaia Monehelame, o bolele, o re:

25. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ekare ha o rometse mangolo ka lebitso la hao ho setjhaba kaofela se Jerusalema le ho Sofonnia, mora Maaseia, moprista, le ho baprista kaofela, a reng:

26. Jehova o o beile moprista bakeng sa moprista Jehojada, hore o nne o be mohlahlobi ka tlung ya Jehova bakeng sa motho e mong le e mong ya hlanyang, ya iketsang moporofeta, hore o tle o mo kenye metshwasong le teronkong.

Jeremia 29