Jeremia 28:5-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Yaba moporofeta Jeremia o fetola Hanania moporofeta, pontsheng ya baprista le pontsheng ya setjhaba kaofela se emeng ka tlung ya Jehova;

6. moporofeta Jeremia a re: A ho be jwalo! Jehova a ke a etse jwalo! Jehova a ke a etsahatse lentswe la hao leo o le porofetileng bakeng sa ho busetsa nqalong ena mafiso a ntlo ya Jehova, le bohle ba leng kgolehong Babilona!

7. Feela, o mamele lentswe lena leo ke o bolellang lona ditsebeng tsa hao le ditsebeng tsa setjhaba kaofela:

8. Ba porofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, mehleng ya kgale, ba nnile ba porofeta bakeng sa mafatshe a mangata le sa mebuso e meholo hore ntwa le tlala le lefu la sewa di tla ba teng.

9. Haele moporofeta ya porofetang tsa kgotso, ha lentswe la moporofeta eo le ka etsahala, moporofeta eo o tla tsejwa kahoo hobane o romilwe ke Jehova kannete.

10. Yaba moporofeta Hanania o nka joko molaleng wa moporofeta Jeremia, a e robakanya.

11. Hanania a bolela pontsheng ya setjhaba kaofela, a re: Ho itswe ke Jehova: Ke tla robakanya jwalo joko ya Nebukadnesare, morena wa Babilona, molaleng wa ditjhaba tsohle, dilemo tse pedi ha di eso ho phethehe. Mme moporofeta Jeremia a ikela ka tsela ya hae.

12. Yaba lentswe la Jehova le tla ho Jeremia, ha moporofeta Hanania a setse a robakantse joko molaleng wa moporofeta Jeremia, la re:

13. Eya, o bolelle Hanania, o re: O robakantse joko ya sefate, empa o tla etsa joko ya tshepe bakeng sa yona.

14. Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ke bea joko ya tshepe molaleng wa ditjhaba tseo tsohle, di tle di sebeletse Nebukadnesare, morena wa Babilona, mme di tla nne di mo sebeletse; ke mo neile le diphoofolo tsa naha.

15. Mme moporofeta Jeremia a bolella Hanania moporofeta, a re: Mamela hle, Hanania: Jehova ha a ka a o roma, mme wena o hlile wa tshepisa setjhaba sena ka leshano.

16. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya o hlakola lefatsheng, o ya shwa monongwaha, hobane o bile wa bolela kweneho bakeng sa Jehova.

Jeremia 28