Jeremia 28:10-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Yaba moporofeta Hanania o nka joko molaleng wa moporofeta Jeremia, a e robakanya.

11. Hanania a bolela pontsheng ya setjhaba kaofela, a re: Ho itswe ke Jehova: Ke tla robakanya jwalo joko ya Nebukadnesare, morena wa Babilona, molaleng wa ditjhaba tsohle, dilemo tse pedi ha di eso ho phethehe. Mme moporofeta Jeremia a ikela ka tsela ya hae.

12. Yaba lentswe la Jehova le tla ho Jeremia, ha moporofeta Hanania a setse a robakantse joko molaleng wa moporofeta Jeremia, la re:

13. Eya, o bolelle Hanania, o re: O robakantse joko ya sefate, empa o tla etsa joko ya tshepe bakeng sa yona.

14. Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ke bea joko ya tshepe molaleng wa ditjhaba tseo tsohle, di tle di sebeletse Nebukadnesare, morena wa Babilona, mme di tla nne di mo sebeletse; ke mo neile le diphoofolo tsa naha.

15. Mme moporofeta Jeremia a bolella Hanania moporofeta, a re: Mamela hle, Hanania: Jehova ha a ka a o roma, mme wena o hlile wa tshepisa setjhaba sena ka leshano.

16. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya o hlakola lefatsheng, o ya shwa monongwaha, hobane o bile wa bolela kweneho bakeng sa Jehova.

17. Mme Hanania moporofeta a shwa selemong sona seo, ka kgwedi ya bosupa.

Jeremia 28