Jeremia 28:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Selemong sona seo, tshimolohong ya puso ya Tsedekia, morena wa Juda, selemong sa bone, ka kgwedi ya bohlano, Hanania, mora Assure, moporofeta wa Gibeone, a mpolella ditaba pontsheng ya baprista le ya setjhaba kaofela ka tlung ya Jehova, a re:

2. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ke ya roba joko ya morena wa Babilona.

3. Dilemo tse pedi ha di eso ho phethehe, ke tla busetsa nqalong ena mafiso kaofela a ntlo ya Jehova, ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a a nkileng nqalong ena, mme a ile le wona Babilona.

Jeremia 28