Jeremia 27:13-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Le ratelang ho shwa ke lerumo le ke tlala le ke lefu la sewa, wena le setjhaba sa hao, kamoo ho boletseng Jehova kateng, bakeng sa setjhaba se sa tlo sebeletsa morena wa Babilona?

14. Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba ntseng ba le bolella, ba re: Ha le ka ke la sebeletsa morena wa Babilona, hobane ba le porofetela leshano.

15. Hobane ha ke a ka ka ba roma, ho bolela Jehova; ba ntse ba porofeta leshano ka lebitso la ka, hore ke tle ke le lahle, ke le timetse, lona le baporofeta ba le porofetelang.

16. Ka bolella le baprista le setjhaba sena kaofela, ka re: Ho itswe ke Jehova: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba lona ba ntseng ba le porofetela, ba re: Bonang, mafiso a ntlo ya Jehova a sa ya kgutliswa Babilona kapele; athe ba le porofetela leshano.

17. Le se ke la ba mamela. Sebeletsang morena wa Babilona, mme le tla phela. Le ratelang hoba motse ona o etswe lesupi?

18. Ekare ha e le baporofeta, mme lentswe la Jehova le le teng ho bona, ba ke ba rapele Jehova wa makgotla, hore mafiso a sa setseng ka tlung ya Jehova le ka tlung ya morena wa Juda le Jerusalema a se ke a nkelwa Babilona.

19. Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla bakeng sa ditshiya, le sa letsha, le sa didulo, le sa mafiso a mang a sa setseng motseng wona,

20. ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a sa kang a ya le wona mohla a tshwarang Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, Jerusalema, a ba a mo isa kgolehong Babilona, hammoho le baholo kaofela ba Juda le ba Jerusalema;

21. Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o re bakeng sa mafiso a sa setseng ka tlung ya Jehova le ka tlung ya morena wa Juda le Jerusalema:

22. A tla iswa Babilona, a sale teng ho fihlela mohla ke tla a batla, ho bolela Jehova, ke a tlise, ke a busetse nqalong ena.

Jeremia 27