Jeremia 27:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Tshimolohong ya puso ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, lentswe lena le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, la re: Ho itswe ke Jehova ho nna:

2. O iketsetse marapo le dijoko, o di rwale molaleng wa hao;

3. o di romele ho morena wa Edomo, le ho morena wa Moabe, le ho morena wa bana ba Ammone, le ho morena wa Tire, le ho morena wa Sidone, ka manqosa a tlileng Jerusalema ho Tsedekia, morena wa Juda.

4. O a laetse ho marena a wona, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le bolelle marena a lona, le re:

5. Ke nna ya entseng lefatshe, le batho, le diphoofolo tse bophareng ba lefatshe, ka matla a maholo a ka le ka letsoho la ka le otlolotsweng, mme ke le neela eo ke ithatelang ho mo nea lona.

6. Mme jwale, ke neela mafatshe ana wohle matsohong a Nebukadnesare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka; ke mo neela le tsona diphoofolo tsa naha, di tle di mo sebeletse.

7. Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, yena, le mora wa hae, le setloholo sa hae, ho fihlela mohla nako ya lefatshe la hae le lona e hlahang ya ho kokobetswa ke ditjhaba tse ngata le ke mebuso e meholo.

8. Setjhaba, kapa mmuso ha o ke ke wa ipea ho Nebukadnesare, morena wa Babilona, leha e le ho neela molala wa wona jokong ya morena wa Babilona, ke tla kgalemela setjhaba seo ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa, ho bolela Jehova, ke tle ke be ke se timetse ka letsoho la hae.

9. Mme lona he, le se ke la mamela baporofeta ba lona, leha e le dinohe tsa lona, leha e le balori ba lona, leha e le dingaka tsa lona, leha e le baupelli ba lona, ba le bolellang, ba re: Le ke ke la sebeletsa morena wa Babilona.

10. Hobane ba le porofetela leshano, hore ke tle ke le kgannele hole le lefatshe la lona, ke le lahle, ke le timetse.

11. Empa setjhaba se beang molala wa sona jokong ya morena wa Babilona ho mo sebeletsa, ke tla se tlohela naheng ya sona, ho bolela Jehova, hore se e leme, se ikahele teng.

12. Ka bolella le Tsedekia, morena wa Juda, mantswe ao kaofela, ka re: Le ke le bee melala ya lona jokong ya morena wa Babilona, le sebeletse yena le setjhaba sa hae, mme le tla phela.

13. Le ratelang ho shwa ke lerumo le ke tlala le ke lefu la sewa, wena le setjhaba sa hao, kamoo ho boletseng Jehova kateng, bakeng sa setjhaba se sa tlo sebeletsa morena wa Babilona?

14. Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba ntseng ba le bolella, ba re: Ha le ka ke la sebeletsa morena wa Babilona, hobane ba le porofetela leshano.

15. Hobane ha ke a ka ka ba roma, ho bolela Jehova; ba ntse ba porofeta leshano ka lebitso la ka, hore ke tle ke le lahle, ke le timetse, lona le baporofeta ba le porofetelang.

Jeremia 27