6. ke tla etsa ntlo ena jwaloka Silo, le motse wona ke o etse ntho e tla rohakwa ke ditjhaba tsohle tsa lefatshe.
7. Baprista le baporofeta le setjhaba kaofela ba utlwa Jeremia ha a bolela mantswe ao ka tlung ya Jehova.
8. Eitse ha Jeremia a setse a qetile ho bolela tsohle tseo Jehova a mo laetseng ho di bolella setjhaba kaofela, baprista le baporofeta le setjhaba kaofela, ba mo tshwara, ba re: O tla shwela ruri!
9. O ntse o porofetelang ka lebitso la Jehova, o re: Ntlo ena e tla ba jwaloka Silo, le motse wona o tla senngwa, o be o hloke moahi? Yaba setjhaba kaofela se bokanela Jeremia ka tlung ya Jehova.
10. Baholo ba Juda ha ba utlwa taba tseo, ba tswa tlung ya morena, ba nyolohela tlung ya Jehova, ba dula lebaleng la monyako o motjha wa Jehova.
11. Baprista le baporofeta ba bolella baholo le setjhaba kaofela, ba re: Motho eo o loketswe ke lefu, hobane o porofetile bakeng sa motse ona kamoo le utlwileng kateng ka ditsebe tsa lona.
12. Yaba Jeremia o bolella baholo bohle le setjhaba kaofela, a re: Ke Jehova ya nthomileng ho porofeta bakeng sa ntlo ena le sa motse ona mantswe wohle ao le a utlwileng.
13. Jwale, bakang mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, le mamele lentswe la Jehova, Modimo wa lona, mme le yena Jehova o tla bakela bobe boo a bo boletseng hodima lona.
14. Haele nna, bonang, ke matsohong a lona; etsang ka nna kamoo ho leng molemo kateng, le ka ho loka mahlong a lona.
15. Feela, le itsebele hobane, ha le ka mpolaya, etlaba le beile madi a se nang molato hodima lona, le hodima motse ona, le hodima baahi ba teng; hobane kannete Jehova o nthomile ho lona, hore ke tle ke bolele mantswe ao kaofela ditsebeng tsa lona.
16. Yaba baholo le setjhaba kaofela ba bolella baprista le baporofeta, ba re: Motho enwa ha a lokelwa ke lefu, hobane o buile le rona ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona.