1. Tshimolohong ya puso ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, lentswe lena le tswang ho Jehova la tla ho nna, la re:
2. Ho itswe ke Jehova: Eya, o eme lebaleng la ntlo ya Jehova, o bolelle ba metse kaofela ya Juda ba kenang ho ya kgumama ka tlung ya Jehova mantswe wohle ao ke o laetseng ho ba bolella wona; o se ke wa ba lobela lentswe leha le le leng.
3. Ekaba ba tla utlwa, ba bake e mong le e mong mekgweng e mebe ya hae, ke tle ke be ke bakele bobe boo nna ke hopotseng ho ba hlahisetsa bona ka baka la bolotsana ba diketso tsa bona.
4. O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova: Ekare ha le sa nkutlwe, ka ho tsamaya melaong eo ke e beileng pela lona,
5. le ka ho utlwa mantswe a bahlanka ba ka, baporofeta, bao ke nnileng ka ba romela ho lona, bao ke nnileng ka ba roma ke tsoha e sa le hosasa, le mpa le sa ka la ba utlwa;
6. ke tla etsa ntlo ena jwaloka Silo, le motse wona ke o etse ntho e tla rohakwa ke ditjhaba tsohle tsa lefatshe.