35. Setshabelo se tla hlokahalla badisa, le ho pholoha ho be siyo ho beng ba mohlape.
36. Mohoo wa badisa o tla phahama le pokollo ya beng ba mohlape, hobane Jehova o tla senya makgulo a bona.
37. Meaho e dutseng ka kgotso e tla senngwa ke bohale ba kgalefo ya Jehova.
38. O tla tloha jwaloka tau e morung, hore lefatshe la bona le tle le fetolwe lesupi ke bohale ba lerumo le bolayang, le ke bohale ba kgalefo ya hae.