18. e leng Jerusalema, le metse ya Juda, le marena a teng, le baholo ba teng, ho ba etsetsa tshenyeho le makatso, le sesomo, le thohako, jwalokaha ho le jwalo kajeno;
19. le Faro, morena wa Egepeta, le bahlanka ba hae, le matona a hae, le setjhaba sa hae kaofela;
20. le bajaki kaofela, le marena wohle a lefatshe la Utse, le marena kaofela a lefatshe la Bafilesta, le Ashkelone, le Gasa, le Ekrone, le ba setseng ba Ashdode;
21. Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone;
22. le marena wohle a Tire, le marena wohle a Sidone, le marena a dihlekehleke tse mose wane wa lewatle;
23. le Dedane, le Thema, le Buse, le ba beolang hlafunelo;
24. le marena kaofela a Arabia, le marena kaofela a bajaki bohle ba ahileng lefeelleng;
25. le marena kaofela a Simri, le marena kaofela a Elame, le marena kaofela a Media,
26. le marena kaofela a Leboya, a leng haufi le a leng hole, e mong le e mong, le mebuso yohle ya lefatshe e bophareng ba lefatshe; mme morena wa Sheshake (Babilona) o tla nwa kamora bona.
27. O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Nwang, le tahwe, le hlatse, mme le we le se na ho tsoha pela lerumo leo ke le romelang hara lona.
28. Etlare ha ba ka hana ho nka senwelo letsohong la hao ho nwela teng, ebe moo o ba bolellang, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ho nwa le tla nwa.