Jeremia 23:5-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho hlahisetsa Davida lehlomela le lokileng, e be morena ya renang ka hlalefo, a bee kahlolo le ho loka lefatsheng.

6. Mehleng ya hae, Juda o tla pholoha, Iseraele a ikahele boiketlong, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.

7. Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ba sa tlo ka ba re: Jehova o a phela ya nyolotseng bana ba Iseraele lefatsheng la Egepeta!

8. Empa ba tla re: Jehova o a phela ya nyolotseng, ya busitseng merabe ya ntlo ya Iseraele lefatsheng la Leboya, le mafatsheng wohle moo ke neng ke ba hasanyeditse teng, mme ba tla ikahela lefatsheng la bona.

9. Taba e nyatsang baporofeta.Pelo ya ka e robehile kahare ho nna, masapo a ka kaofela a ntse a tetema, ke jwaloka motho ya tahilweng, le jwaloka motho ya hlotsweng ke veine, pela Jehova le pela lentswe le hlwekileng la hae.

10. Hobane lefatshe le tletse bafebi; lefatshe le lla ke dithohako, makgulo a nahathothe a tjhele. Metsamao ya bona e mebe, matla a bona ke a sa lokang.

11. Hobane haele baporofeta le baprista ke banyefodi, le hona ke fumane bolotsana ba bona ka tlung ya ka, ho bolela Jehova.

12. Ka baka leo, tsela ya bona ho bona e tla ba jwaloka nqalo e boreledi, e lefifi; ba tla kgothometswa, ba wele teng, hobane ke tla ba hlahisetsa tsietsi mohla ke ba kgalemelang; ho bolela Jehova.

Jeremia 23