Jeremia 23:33-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Setjhaba sena, leha e le moporofeta, kapa moprista, ha ba o botsa, ba re: Tshenolo ya Jehova keng? O ke o ba bolelle seo tshenolo e leng sona, o re: Ke tla le lahla, ho bolela Jehova.

34. Haele moporofeta, leha e le moprista, leha e le wa setjhaba sa ka ya bolelang, a re: Tshenolo ya Jehova, ke tla kgalemela motho eo, yena le ntlo ya hae.

35. Le tla bolellana, motho le molekane wa hae, e mong le wa habo, le re: Jehova o arabileng? kapa: Jehova o boletseng?

36. Empa tshenolo ya Jehova ha le sa tla hlola le e bolela jwalo, hobane e mong le e mong o tla otlwa ka baka la lentswe la hae; hobane le sokantse mantswe a Modimo o phelang, e leng Jehova wa makgotla, Modimo wa rona.

37. O tla bolella moporofeta, o re: Seo Jehova a se arabileng le seo Jehova a se boletseng keng?

38. Empa ekare ha le sa bolela, le re: Tshenolo ya Jehova: ka baka leo, ho itswe ke Jehova, ha le ntse le bolela lentswe lena: Tshenolo ya Jehova, kanthe ke hlile ka romela ho lona, ka re: Le se ke la nna la bolela, la re: Tshenolo ya Jehova;

39. ka baka leo, bonang, ke tla le ngala, ke le lahlele hole le sefahleho sa ka, lona le motse oo ke neng ke o neile bontata lona.

40. Mme ke tla bea hodima lona sekgobo se sa feleng le nyediso e sa feleng, e se nang ho lebalwa.

Jeremia 23