Jeremia 23:17-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Ho boleleng ba bolella ba nnyedisang, ba re: Lentswe la Jehova le re: Kgotso e tla ba teng ho lona; le ho bohle ba tsamayang ka bothata ba dipelo tsa bona, ba re: Le ke ke la hlahelwa ke bobe.

18. Hobane ke mang ya kileng a ema morerong wa Jehova, mme a bona, a utlwa lentswe la hae? Ke mang ya kileng a ela lentswe la hae hloko, mme a le utlwa?

19. Bonang, sefefo sa Jehova ke seo, kgalefo e tjhesang e tswetse ntle, sefefo se tsokotsehang se tla tsokotseha dihloohong tsa ba babe.

20. Bohale ba Jehova bo ke ke ba kgutla, a eso ho etse le ho phetha kgopolo ya pelo ya hae; mehleng ya morao le tla hlalohanya teng ka hlalefo.

21. Ha ke a ka ka roma baprofeta bao, mme bona ba mathile; ha ke a ka ka bua le bona, mme bona ba porofetile.

22. Hojane ebe ba kile ba ema morerong wa ka, ba ka be ba utlwisitse setjhaba sa ka mantswe a ka, ba se sokolla mekgweng ya sona e mebe le bolotsaneng ba diketso tsa bona.

23. Na le re: ke Modimo wa bohaufi, ho bolela Jehova, ha ke Modimo wa bohole le hona na?

24. Na motho a ka ya a pateha sephiring, hore ke se ke ka mmona, ho bolela Jehova? Ha ke re, mahodimo le lefatshe a tletse nna, ho bolela Jehova?

25. Ke utlwile se boletsweng ka baporofeta ba porofetang leshano ka lebitso la ka, ha ba re: Re lorile, re lorile.

26. Hoo ho tla ba jwalo ho le hokae pelong tsa baporofeta bao, ho porofeta leshano le ho porofeta thetso ya dipelo tsa bona na?

27. Na ba na le kgopolo ya hore ba lebatse setjhaba sa ka lebitso la ka ka ditoro tsa bona tseo ba di bolelang e mong le e mong ho molekane wa hae, jwaloka bontata bona ba kileng ba lebala lebitso la ka ka baka la Baale na?

28. Moporofeta ya nang le toro a ke a bolele toro, ya nang le lentswe la ka a ke a bolele lentswe la ka ka nnete. Mooko o etsang hara koro, ho bolela Jehova?

29. Na lentswe la ka ha le jwaloka mollo, ho bolela Jehova, le jwaloka noto e thuhang lejwe na?

30. Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ke na le tseko le baporofeta ba utswang mantswe a ka, e mong ho e mong.

Jeremia 23