4. Ha le boloka lentswe lena hantle, ho tla nne ho kene ka menyako ya ntlo ena marena a dutseng teroneng ya Davida, a ntse a kene makoloing, a palamile dipere; ke bolela yena morena le bahlanka ba hae le setjhaba sa hae.
5. Empa ha le sa mamele mantswe ana, ke hlapanya ka nna, ho bolela Jehova, hobane ntlo ena e tla be e etswe lesupi.
6. Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa ntlo ya morena wa Juda: Ho nna o Gileade, o hlooho ya Lebanone, empa ke tla o fetola lefeella, le metse e sa ahuwang!
7. Ke tla o memela basenyi, e mong le e mong a tle ka dibetsa tsa hae, ba tle ba reme dikedare tse ratehang tsa hao, ba di lahlele mollong.
8. Ditjhaba tse ngata di tla feta pela motse ona; e mong le e mong o tla re ho molekane wa hae: Ho ya kang, ha Jehova a entse motse oo o moholo jwalo na?
9. Mme ho tla thwe: Ke hobane ba hlile ba lebetse selekane sa Jehova, Modimo wa bona, ba kgumametse medimo esele, ba e sebeleditse.
10. Le se ke la llela ya shweleng, le se mo utlwele bohloko; llelang ya ileng kgolehong, hobane ha a sa tla boya, hore a tle a bone lefatshe leo a tswaletsweng ho lona.
11. Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa Shallume, mora Josiase, morena wa Juda, ya kileng a etswa morena bakeng sa Josiase ntatae, mme a tlositswe nqalong ena: Ha a sa tla boela kwano.
12. Hobane o tla shwela nqalong eo ba mo nketseng teng kgolehong, ha a sa tla boela a bone lefatshe lena.
13. Ho madimabe ya hahang ntlo ya hae ka bokgopo, le dikamore tsa hae ka ho se loke, ya sebedisetsang wa habo lelea, a sa mo nee moputso wa mofufutso wa hae;
14. ya reng: Ke tla ikgahela ntlo e kgolo le dikamore tse sephara: ke phunye difensetere, ke manehe ka kedare, mme ke tshase ka mmala o mofubedu.
15. Na o re, o tla busa kahobane o lakatsa ntlo ya kedare na? Ha ke re, le ntatao o kile a ja le ho nwa na? Empa o ne a ntse a etsa ka kahlolo le ka ho loka; o ne a ena le kgotso ke hona.