3. Ho itswe ke Jehova: Etsang kahlolo le ho loka, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, le se ke la tsohela moditjhaba le kgutsana le mosadi wa mohlolohadi matla; le se ke la ba etsa hampe, le se ke la tsholla madi a se nang molato nqalong ena.
4. Ha le boloka lentswe lena hantle, ho tla nne ho kene ka menyako ya ntlo ena marena a dutseng teroneng ya Davida, a ntse a kene makoloing, a palamile dipere; ke bolela yena morena le bahlanka ba hae le setjhaba sa hae.
5. Empa ha le sa mamele mantswe ana, ke hlapanya ka nna, ho bolela Jehova, hobane ntlo ena e tla be e etswe lesupi.
6. Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa ntlo ya morena wa Juda: Ho nna o Gileade, o hlooho ya Lebanone, empa ke tla o fetola lefeella, le metse e sa ahuwang!
7. Ke tla o memela basenyi, e mong le e mong a tle ka dibetsa tsa hae, ba tle ba reme dikedare tse ratehang tsa hao, ba di lahlele mollong.
8. Ditjhaba tse ngata di tla feta pela motse ona; e mong le e mong o tla re ho molekane wa hae: Ho ya kang, ha Jehova a entse motse oo o moholo jwalo na?
9. Mme ho tla thwe: Ke hobane ba hlile ba lebetse selekane sa Jehova, Modimo wa bona, ba kgumametse medimo esele, ba e sebeleditse.
10. Le se ke la llela ya shweleng, le se mo utlwele bohloko; llelang ya ileng kgolehong, hobane ha a sa tla boya, hore a tle a bone lefatshe leo a tswaletsweng ho lona.
11. Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa Shallume, mora Josiase, morena wa Juda, ya kileng a etswa morena bakeng sa Josiase ntatae, mme a tlositswe nqalong ena: Ha a sa tla boela kwano.
12. Hobane o tla shwela nqalong eo ba mo nketseng teng kgolehong, ha a sa tla boela a bone lefatshe lena.