23. Wena, moahi wa Lebanone ya ahileng difateng tsa kedare, o tla bobola hakakang, mohla tlokotsi e o hlahelang le tsietsi e kang ya mobelehi.
24. Ke a phela, ho bolela Jehova, hojane Jekonia, mora Jojakime, a le jwaloka lesale la tiiso letsohong la ka le letona, ke ne ke tla mo pshemola teng.
25. Ke tla o neela matsohong a ba batlang bophelo ba hao, le matsohong a bao o thothomelang pela bona, le matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, le matsohong a Bakalde.
26. Ke tla o lahlela, wena le mmao ya o tswetseng, lefatsheng lesele moo le sa kang la tswallwa teng, mme le tla shwela teng.
27. Haele lefatshe leo pelo tsa bona di tla le hlolohelwa ho boela teng, ba ke ke ba boela teng.
28. Na motho eo, Jekonia, ke lefiso le nyediswang, le pshatlwang na? Kapa a ke mosebetsi o seng o se na thuso na? Ba lahlwa keng yena le lesika la hae, ho ya lahlelwa lefatsheng leo ba sa le tsebeng?
29. Hela lefatshe, lefatshe, lefatshe, mamela lentswe la Jehova!
30. Ho itswe ke Jehova: Bakeng sa motho eo, ngolang hobane ke ya hlokang bana, motho ya sa tlo atleha ditshiung tsa hae; hobane ha ho tla ke ha tseba motho wa lesika la hae ho dula teroneng ya Davida, le ho busa Juda.