Jeremia 22:11-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa Shallume, mora Josiase, morena wa Juda, ya kileng a etswa morena bakeng sa Josiase ntatae, mme a tlositswe nqalong ena: Ha a sa tla boela kwano.

12. Hobane o tla shwela nqalong eo ba mo nketseng teng kgolehong, ha a sa tla boela a bone lefatshe lena.

13. Ho madimabe ya hahang ntlo ya hae ka bokgopo, le dikamore tsa hae ka ho se loke, ya sebedisetsang wa habo lelea, a sa mo nee moputso wa mofufutso wa hae;

14. ya reng: Ke tla ikgahela ntlo e kgolo le dikamore tse sephara: ke phunye difensetere, ke manehe ka kedare, mme ke tshase ka mmala o mofubedu.

15. Na o re, o tla busa kahobane o lakatsa ntlo ya kedare na? Ha ke re, le ntatao o kile a ja le ho nwa na? Empa o ne a ntse a etsa ka kahlolo le ka ho loka; o ne a ena le kgotso ke hona.

16. O ne a ahlolela mofumanehi le mofutsana, o ne a ena le kgotso ke hona. Na hoo hase ho ntseba na, ho bolela Jehova?

17. Kanthe wena, ha o na mahlo leha e le pelo, haese ya ho ikgahatlella le ho tsholla madi a se nang molato, le ho sebetsa botubo le ho tsohela batho matla.

18. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda: A ke ke a llelwa ka ho re: Jo! ngwaneso! leha e le: Jo! kgaitsedi! A ke ke a llelwa ka ho re: Jo! morena! Jo! bokgabane ba hae!

19. O tla epelwa kepelo ya esele, o tla hulanngwa, a lahlelwe kantle ho menyako ya Jerusalema.

20. Hlwella Lebanone, o howeletse; phahamisetsa lentswe Bashane, o howeletse o le Abarime, hobane dinyatsi tsa hao kaofela di robaketswe.

21. Ke buile le wena ho iketleng ha hao, mme wa nna wa re: Nke ke ka mamela. Ke mokgwa wa hao esale le botjheng ba hao, wa ho re ha o na ho mamela lentswe la ka.

22. Badisa ba hao bohle ba tla nkwa ke moya, dinyatsi tsa hao di iswe kgolehong; ke moo o tla hlabiswa dihlong, o swabe ka bolotsana bohle ba hao.

23. Wena, moahi wa Lebanone ya ahileng difateng tsa kedare, o tla bobola hakakang, mohla tlokotsi e o hlahelang le tsietsi e kang ya mobelehi.

24. Ke a phela, ho bolela Jehova, hojane Jekonia, mora Jojakime, a le jwaloka lesale la tiiso letsohong la ka le letona, ke ne ke tla mo pshemola teng.

25. Ke tla o neela matsohong a ba batlang bophelo ba hao, le matsohong a bao o thothomelang pela bona, le matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, le matsohong a Bakalde.

26. Ke tla o lahlela, wena le mmao ya o tswetseng, lefatsheng lesele moo le sa kang la tswallwa teng, mme le tla shwela teng.

27. Haele lefatshe leo pelo tsa bona di tla le hlolohelwa ho boela teng, ba ke ke ba boela teng.

Jeremia 22