8. O tle o bolelle setjhaba sena, o re: Ho itswe ke Jehova: Bonang, ke bea tsela ya bophelo le tsela ya lefu pontsheng ya lona.
9. Ya ka salang motseng ona, o tla shwa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu la sewa; empa ya tswang ho ya ipea ho Bakalde ba le thibeletseng, o tla phela; bophelo ba hae e tla ba kgapo ya hae.
10. Hobane ke emisetsa motse ona sefahleho sa ka ka bobe, e seng ka botle, ho bolela Jehova; o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, hore a tle a o tjhese ka mollo.
11. Mme bakeng sa ntlo ya morena wa Juda mamelang lentswe la Jehova:
12. Lona ntlo ya Davida, Jehova o re: Etsang kahlolo e lokileng ka hosasa ho hong le ho hong, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, esebe kgalefo ya ka e ka tswa jwaloka mollo, e a tjhesa, mme ho se be ya ka e timang ka baka la bolotsana ba diketso tsa lona.
13. Bona, ke na le taba le wena, motse o dutseng kgohlong, lefikeng la lehwatata, ho bolela Jehova; hape ke na le taba le lona le reng: Re ka futuhelwa ke mang? Kapa ke mang ya ka kenang matlung a rona?
14. Empa ke tla le otla ka ho lekanya diketso tsa lona, ho bolela Jehova; mme ke tla tukisa mollo morung wa lona, hore o ye o fedise mathoko wohle.