8. Hobane kamehla ha ke bua, ke ye ke howe, ke howeletse batho bothata le tshenyo; ka baka leo, lentswe la Jehova le mphetohetse sekgobo le sesomo ka tsatsi le leng le le leng.
9. Leha nka re: Ha ke sa tla hlola ke mmolela, leha e le ho bua ka lebitso la hae, eba ho na le ho kang mollo o tjhesang pelong ya ka, o kentsweng masapong a ka. Ke kgathala ke ho o boloka, ke a sitwa.
10. Hobane ke utlwile diketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tshabeha ka nqa tsohle. Ba re: Mo qoseng, re tle re mo qose. Bohle ba neng ba na le kgotso le nna, ba eme lehlakoreng la ka, ba re: Ekaba a ka thetswa, re ka mo hlola, re tle re iphetetse ho yena.
11. Empa Jehova o ho nna jwaloka senatla se tshabehang; ka baka leo, ba ntlhorisang ba tla kgoptjwa, ba ke se ke ba hlola letho; ba tla hlabiswa dihlong ka ho fetisa, ke hobane ba fositse, e tle e be dihlong tse sa feleng, tse se nang ho lebalwa.
12. Jehova wa makgotla o leka ya lokileng, o sheba matheka le dipelo. Nke ke bone boiphetetso ba hao ho bona, hobane ke o laeleditse nyewe ya ka.
13. Binelang Jehova, le rorise Jehova, hobane o namolela bophelo ba mofumanehi matsohong a ba bolotsana.