12. Jehova wa makgotla o leka ya lokileng, o sheba matheka le dipelo. Nke ke bone boiphetetso ba hao ho bona, hobane ke o laeleditse nyewe ya ka.
13. Binelang Jehova, le rorise Jehova, hobane o namolela bophelo ba mofumanehi matsohong a ba bolotsana.
14. Ho rohakwe tsatsi leo ke tswetsweng ka lona; tsatsi leo mme a ntswetsweng ka lona le se ke la hlohonolofala!
15. Ho rohakwe motho ya kileng a tsebisa ntate, a re: O tswaletswe ngwana e motona; a ba a mo thabisa haholo.
16. Motho eo a ke a be jwaloka metse eo Jehova a e heletsang, a sa e hauhele; a ke a utlwe mehoo e sa le hosasasasa, le mokgosi nakong ya motshehare.
17. Ha a ka a mpolaya keng, ke sa le popelong, hore mme e tle e be lebitla la ka, mpa ya hae e be e emereng e sa tswale le ka ho sa feleng?
18. Ke ne ke tswelang popelong, hore ke tle ke bone ho kgathala le ho swaba? Hobane ditshiu tsa ka di ye di fete ka dihlong.