Jeremia 20:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Pashkure, mora Immere, moprista le mohlahlobi e moholo wa ntlo ya Jehova, o utlwa Jeremia ha a porofeta ditaba tseo.

2. Mme Pashkure a otla moporofeta Jeremia, a ba a mo kenya metshwasong e monyakong wa Benjamine o hodimo, ka tlung ya Jehova.

3. Empa hosasane, Pashkure a ntsha Jeremia metshwasong; Jeremia a re ho yena: Jehova ha a sa tla o bitsa ka lebitso la Pashkure (boiketlo kahohle), empa o tla o bitsa Magore-Missabibe (tshoho kahohle).

4. Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya o neela ho tshoha, wena le metswalle ya hao yohle; ba tla wa ka lerumo la bao e leng dira ho bona, o bone hoo ka mahlo; ke tla neela Juda kaofela matsohong a morena wa Babilona, a tle a ba ise kgolehong, Babilona, a ba bolaye ka lerumo.

5. Ke tla neela maruo kaofela a motse ona, le mesebetsi yohle ya wona, le monono wohle o thata wa wona, le matlotlo kaofela a marena a Juda, ke di neele matsohong a bao e leng dira ho bona, ba tle ba di phahle, ba ye le tsona, ba di ise Babilona.

6. Mme wena Pashkure, le ba ahileng tlung ya hao kaofela, le tla ya kgolehong; o tla ya Babilona, o shwele teng; mme o tla patwa teng, le metswalle ya hao kaofela eo o ntseng o e porofetela leshano.

7. Oho Jehova, o kile wa nthetsa, ka thetswa; o kile wa ntiisetsa matla, ka hlolwa. Ke hlile ke entswe ditsheho ka tsatsi lohle, ba ntshoma kaofela.

Jeremia 20