Jeremia 20:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Pashkure, mora Immere, moprista le mohlahlobi e moholo wa ntlo ya Jehova, o utlwa Jeremia ha a porofeta ditaba tseo.

2. Mme Pashkure a otla moporofeta Jeremia, a ba a mo kenya metshwasong e monyakong wa Benjamine o hodimo, ka tlung ya Jehova.

3. Empa hosasane, Pashkure a ntsha Jeremia metshwasong; Jeremia a re ho yena: Jehova ha a sa tla o bitsa ka lebitso la Pashkure (boiketlo kahohle), empa o tla o bitsa Magore-Missabibe (tshoho kahohle).

4. Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya o neela ho tshoha, wena le metswalle ya hao yohle; ba tla wa ka lerumo la bao e leng dira ho bona, o bone hoo ka mahlo; ke tla neela Juda kaofela matsohong a morena wa Babilona, a tle a ba ise kgolehong, Babilona, a ba bolaye ka lerumo.

Jeremia 20