5. Ho itswe ke Jehova: Bontata lona ba kile ba fumana bokgopo bofe ho nna, ha ba kile ba ya hole le nna, ba tsamaela bosawana, mme ba fetohile bosawana?
6. Ha ba ka ba re: O kae Jehova, ya re nyolotseng lefatsheng la Egepeta, ya re tsamaisitseng lefeelleng, naheng e tshehla, ya dikoti, naheng e omileng, ya moriti wa lefu, naheng e se nang motho ya fetang teng, leha e le motho ya ahileng teng?
7. Ke le tlisitse lefatsheng la nala, hore le tle le je ditholwana tsa lona le monono wa lona; le ile la kena, mme le silafaditse lefatshe la ka, le lefa la ka le le entse manyala.
8. Baprista ha ba ka ba re: O kae Jehova? Le ba tshwereng molao ha ba ka ba ntseba; le badisa ba kile ba nkwenehela le baporofeta ba nnile ba porofeta ka Baale, ba tsamaela ba sa thuseng letho.
9. Ka baka leo, ke tla nne ke le tsekise, ho bolela Jehova, ke tsekise le ditloholo tsa lona.
10. Hlong le fele le etele dihlekehlekeng tsa Kittime, le tadime; romelang Kedare, le lemohe hantle, le tadime ha taba e jwalo e se e kile ya eba teng.
11. A setjhaba se ka ba teng se hlobohang medimo ya sona? athe yona hase medimo! Empa setjhaba sa ka se hlile se hlobohile kganya ya sona ho rua lefeela.
12. Lona mahodimo, hlong le makale ka taba eo, le thothomele, le omelle hampe: ho bolela Jehova!
13. Hobane setjhaba sa ka se entse dibe tse pedi: ba ntlhobohile, nna ke leng sediba sa metsi a kollang, mme ba itjheketse mamena, mamena a ngamohileng, a se nang ho boloka metsi.
14. Na Iseraele ke mofo, na ke mohlanka ya tswetsweng ka tlung ya mong a hae na? Ho ya kang ha a etswa jwaloka ya hapilweng?