Jeremia 2:28-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. E kae medimo ya hao eo o iketseditseng yona? E ke e eme, ha e ka o pholosa letsatsing la tsietsi ya hao: hobane wena, Juda, palo ya medimo ya hao e ka ka ya metse ya hao!

29. Le ntse le tseka keng le nna? Le ba nkwenehetseng kaofela, ho bolela Jehova.

30. Ke kgalemetse bana ba lona ka lefeela; ha ba amohele tayo; lerumo la lona le bolaile baporofeta ba lona jwaloka hoja ke tau e harolang.

31. A lona ba mofuta! mamelang lentswe la Jehova: Na nkile ka ba naha e tshehla ho Iseraele, kapa naha ya lefifi le letsho na? Setjhaba sa ka se bolela jwang, ha se re: Re tla nne re mathela mane le mane; ha re sa tla kgutlela ho wena?

32. Na morwetsana a ka lebala mekgabo ya hae, kapa monyaduwa a ka lebala senyepa sa hae? Empa setjhaba sa ka se ntebetse ka ditshiu tse sa balweng.

33. O tseba ho fumana tsela ya hao hantle hakakang ha o ipatlela dinyatsi! Ke hona o ntseng o itemaletsa mekgwa ya bolotsana.

34. Etswe le mosehong wa kobo ya hao ho fumanwa madi a meya ya mafutsana a se nang molato, ao o sa kang wa a tshwara a phunya ntlo ya hao, empa e le ka baka la mekgwa eo ya hao yohle.

35. Leha ho le jwalo, o re: Tjhe, ha ke na molato; efela kgalefo ya hae e nkgelohile! Bona, ke o tsekisa kahobane o bile o re: Ha ke a ka ka etsa sebe.

36. O phaila keng hakakale ho kgeloha tsela ya hao? O tla hlabiswa dihlong ka Egepeta, jwalokaha o kile wa hlabiswa dihlong ka Assiria.

37. Le hona o tla tswa teng, o rwetse matsoho a hao hloohong, hobane Jehova o lahlile bao o ba tshepileng, o ke ke wa fumana thuso ho bona.

Jeremia 2