22. Leha o bo o ka itlhatswa ka logo, wa nka sesepa se sengata, bokgopo ba hao bo ne bo ke ke ba hlakoha pela ka: ho bolela Morena Jehova.
23. O ka bolela jwang, wa re: Ha ke a ka ka itshilifatsa, ha ke a ka ka latela boBaale? Shadima tsela ya hao phuleng, o tle o itsebele seo o se entseng, wena sethole se lebelo sa kamele se mathang mane le mane!
24. Ke pitsi e tshehadi e lemaletseng lefeelleng, e fofonelang moya ka takatso ya yona; ho matheng ha yona e ka kgannwa ke mang? Tse tona tse e batlang di ke ke tsa e kgathalla, di ya e fumana kgweding ya yona.
25. Bona leoto la hao hore le se ke la tsamaya feela, le mmetso wa hao hore o se ke wa oma. O mpa o re: Le hanyenyane! ke mpa ke ratile medimo ya baditjhaba, ke tla nne ke e latele.
26. Jwalokaha leshodu le hlabiswa dihlong ha le tshwarwa, ntlo ya Iseraele e tla hlabiswa dihlong jwalo, yona le marena a yona, le baholo ba yona, le baprista ba yona, le baporofeta ba yona;
27. e leng ba reng ho sefate: O ntate; le ho lejwe: Ke tswetswe ke wena. Hobane ba nneile seholoholo, e seng sefahleho; empa tsatsing la tsietsi ya bona, ba re: Ema, o re pholose.
28. E kae medimo ya hao eo o iketseditseng yona? E ke e eme, ha e ka o pholosa letsatsing la tsietsi ya hao: hobane wena, Juda, palo ya medimo ya hao e ka ka ya metse ya hao!
29. Le ntse le tseka keng le nna? Le ba nkwenehetseng kaofela, ho bolela Jehova.
30. Ke kgalemetse bana ba lona ka lefeela; ha ba amohele tayo; lerumo la lona le bolaile baporofeta ba lona jwaloka hoja ke tau e harolang.
31. A lona ba mofuta! mamelang lentswe la Jehova: Na nkile ka ba naha e tshehla ho Iseraele, kapa naha ya lefifi le letsho na? Setjhaba sa ka se bolela jwang, ha se re: Re tla nne re mathela mane le mane; ha re sa tla kgutlela ho wena?