7. Ke tla fedisa morero wa Juda le wa Jerusalema nqalong ena, ke ba dihe ka lerumo pela bao e leng dira ho bona, le ka letsoho la ba batlang bophelo ba bona; ditopo tsa bona ke di neele manong a lehodimo le dibatana tsa naha, di tle di jewe ke tsona.
8. Mme ke bee motse wona makatso le sesomo, e mong le e mong ya tla feta teng a tle a makale, a sisinye hlooho hodima dikotsi kaofela tsa teng.
9. Ke tla ba jesa nama ya bara ba bona le nama ya baradi ba bona; e mong o tla ja nama ya motswalle wa hae tsietsing le patisong eo ba tla patiswa ka yona ke bao e leng dira ho bona le ke ba batlang bophelo ba bona.
10. O ntoo pshatla pitsa pela mahlo a batho ba ileng le wena;
11. o ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke tla pshatla setjhaba sena le motse wona jwalo, jwalokaha ho pshatlwa pitsa ya mmopi, eo e sa tlo ka e kopanngwa. Mme ho tla patwa ditopo Tofethe, ka ho hloka sebaka moo ho patwang teng.
12. Ke tla etsa nqalo ena jwalo le baahi ba teng, ho bolela Jehova, motse ona ke o etse o tshwanang le Tofethe.
13. Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla ba ditshila jwaloka nqalo ya Tofethe; e leng matlo kaofela ao ba hlwellang hodima wona ho tjhesetsa lekgotla lohle la lehodimo dibano le ho tshollela medimo esele dino.
14. Yaba Jeremia o kgutla Tofethe moo Jehova a neng a mo rometse teng ho porofeta; a tla a ema lebaleng la ntlo ya Jehova, a re ho setjhaba kaofela:
15. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa motse ona le metse yohle ya mona dikotsi kaofela tseo ke di boletseng bakeng sa yona; hobane ba sataladitse melala ya bona, hore ba tle ba se ke ba utlwa lentswe la ka.