Jeremia 17:8-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang metsing; leha ho ka tla komello, ha se utlwe letho, le mahlaku a sona a ntse a le matala; le selemong sa letsatsi ha se tshabe letho, ha se lese ho beha ditholwana.

9. Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bodile hampe; e ka tsejwa ke mang?

10. Ke nna Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana ya diketso tsa hae.

11. Ya bokellang maruo ka ho se loke, ke kgwale e alamang se sa beweng ke yona; mahareng a ditshiu tsa hae o ya a tlohela, ho feleng ha hae e tla ba lewatla.

12. Esale ho qaleng, nqalo ya sehalalelo sa rona ke terone e phahamileng ya kganya.

13. Tshepo ya Iseraele, Jehova ba o hlobohang kaofela ba ya hlabiswa dihlong. Ba nkwenehelang ba tla ngolwa lefatsheng, hobane ba hlobohile sediba sa metsi a phedisang, e leng nna Jehova.

Jeremia 17