Jeremia 17:19-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Jehova a ba a mpolella, a re: Eya, o eme monyako wa bana ba setjhaba, oo marena a Juda a kenang ka wona le ho tswa ka wona; o eme le menyakong yohle ya Jerusalema;

20. mme o re ho bona: Mamelang lentswe la Jehova, marena a Juda, le Bajuda bohle, le baahi kaofela ba Jerusalema ba ntseng ba kena ka menyako ena.

21. Ho itswe ke Jehova: Itebelleng meya ya lona, le se ke la jara diphahlo ka tsatsi la Sabatha, le se ke la di tsamaisa ka menyako ya Jerusalema.

22. Le se ke la ntsha phahlo matlung a lona ka tsatsi la Sabatha; le se ke la etsa mosebetsi leha o le mong; le mpe le kgethe letsatsi la Sabatha kamoo ke laetseng bontata lona kateng.

23. Empa ha ba ka ba utlwa leha e le ho sekeha ditsebe, ba ile ba satalatsa melala, hore ba se ke ba utlwa, ba se ke ba amohela thuto.

24. Ekare ha le nkutlwa, ho bolela Jehova, le sa tsamaise phahlo ka menyako ya motse ona ka tsatsi la Sabatha, le sa etse mosebetsi leha o le mong ka lona,

25. ho tla nne ho kene ka menyako ya motse ona marena a lona le mahosana a lona a ituletseng teroneng ya Davida, a kene ka makoloi, a palamile dipere, e le wona le baholo ba setjhaba, le batho ba Juda le baahi ba Jerusalema; mme motse wona o tla nne o ahuwe ka ho sa feleng.

Jeremia 17