5. Hobane ke mang ya ka o hauhelang, Jerusalema, kapa ke mang ya ka o utlwelang bohloko, kapa ke mang ya ka fapohelang ho ya botsa kamoo o ntseng o phela kateng?
6. O ntlohetse, ho bolela Jehova, o kgutlile kasanthao; ka baka leo, ke otlolotse letsoho la ka hodima hao, ke tle ke o fedise; ke se ke kgathetse ke ho rekolohela.
7. Ke ba olosa ka seoloso dikgorong tsa naha, ke timetsa ba batjha ba setjhaba sa ka, le sona ke a se fedisa, hobane ha se bakele mekgwa ya sona.
8. Basadi ba bahlolohadi ba bona ba bangata pela ka ka ho fetisa lehlabathe la lewatle; ke tlisitse mosenyi ya senyang motshehare ho ba lwantsha, ho lwantsha mma ba batjha; ke dihetse thothomelo le tlakaselo hodima bona ka sehloho.
9. Ya tswetseng ba supileng o tepeletse, o se a ya shwa; o phirimetswe ke letsatsi la hae e sa le motshehare, o hlabiswa dihlong, o swabile; mme masala a bona ke tla a neela lerumo pela bao e leng dira ho bona: ho bolela Jehova.
10. Ho madimabe nna, mme, ha o ntswetse ke le motho ya kgang le wa tseko ho lefatshe lena lohle; ha ke a ka ka adima letho, mme ha ke a ka ka adingwa letho; leha ho le jwalo, ba nthohaka kaofela.
11. Jehova o re: Kannete ke tla o hlahisetsa molemo, ke tla etsa hore sera se tle se o rapele tsatsing la tsietsi le tsatsing la tlokotsi!
12. Na tshepe e ka roba tshepe e tswang nqa leboya le yona koporo na?
13. Dintho tsa hao le letlotlo la hao ke ya di neela ho hapjwa, theko e be siyo, ka baka la dibe tsa hao tsohle tse meeding ya hao yohle.
14. Mme ke tla di fihlisa hammoho le bao e leng dira ho wena lefatsheng leo o sa le tsebeng, hobane mollo o tukile kgalefong ya ka, o le tuketse.